Tlhoekiso ea likhoerekhoere ke mohato o bohlokoa oa ho tlosa/bolaea likokoana-hloko tse ka bang kotsi metsing. Tlhoekiso ena e etsoa e le ho netefatsa hore metsi a bolokehile sebakeng sa tšebeliso.
Methati e latelang e hlalosa tlhoekiso ea likhoerekhoere

Mothati oa pele: Tlhokolo ea likhoerekhoere
Mona ke moo, likhoerekhoere li fihlelang teng e le hore ho tlosoe lintho tseo e seng karolo ea tsona tse kang li-plastic le liqoqo tsa patsi. Ka morao ho moo, likhoerekhoere li lebisoa mokhahlelong oo ho tlosoang lehlabathe kapa majoe.
Mothati oa bobeli: Ho tlosoa hoa lehlabathe le majoe likhoerekhoereng
Mona ho tlosoa majoe kapa lehlabathe le ka bang teng likhoerekhoereng. Tse fumanoang, li lahleloa moo ho tšeloang toti/tse sa hlokoeng.
Mothati oa boraro: Moo ho tlosoang tse sa lokelang ho kopana le metsi a likhoerekhoere
Mona ho tlosoa tsohle tse sa lokelang ho kopana le metsi a likhoerekhoere molemong oa pebofatso ea tlhoekiso ea metsi.
Mothati oa bone: Ho bolisoa hoa likhoerekhoere
Mothati ona ke oo metsi a likhoerekhoere a seng a hloekisitsoe haholo. Mona ke moo likhoerekhoere li bolisoang ka ho pompeloa moea, e le ho akofi sa hore likhoerekhoere li bole ka pele.
Mothati oa bohlano: Tlhoekiso ea likhoerekhoere
Mona ke moo likhoerekhoere li seng li hloekisitsoe ka linoko tse mashome a robong lekholong (90%). Likhoerekhoere li boela li hloekisoa hape ka mokhoa oa ho tšeloa/pompeloa moea e le hore ho akofi soe ho bola hoa tsona ka mokhoa oa tlholeho.
Mothati oa botšelela: Ho tlosoa hoa likokoana-hloko
Mona ke moo ho netefatsoang hore likhoerekhoere ha li na likokoana-hloko, ka tšebeliso ea ‘ultraviolet disinfection’.

Mathata a amang boleng ba tlhoekiso ea likhoerekhoere
Ha ngata, tlhoekiso ea likhoerekhoere e ee e sitisehe kapa ho se etsoe ka tšoanelo ‘me sena se ama boleng ba metsi bakeng sa ho sebelisoa ke batho le liphoofolo. Boleng ba metsi bo ka ameha leha boiteko ba ho hlokomela matamo a tlhoekiso ea likhoerekhoere a le teng.
Lintlha tse latelang ke tsa tse ling tsa lintho tse itšemang tlhoekisong ea matamo a likhoerekhoere:
Ho se hloekisoe hoa matamo ka nako
Lisebelisoa tsohle tsa tlhoekiso ea matamo a likhoerekhoere li lokeloa ho hlahlojoa le ho hloekisoa nako le nako. Ho se eloe hloko hoa methati ea tlhoekiso ea likhoerekhoere ho baka tšenyo ea thepa ekasitana le ho ama boleng ba metsi ka kotloloho.
Toantšo ea likokoana-hloko ka mokhoa o sa nepahalang
Ho se behoe taolong hoa likokoana-hloko ka nako ho silafatsa le ho ama boleng ba likhoerekhoere. Ka hona, matamo a tlhoekiso ea likhoerekhoere a lokela ho ba le thepa e nepahetseng bakeng sa ho laola likokoana-hloko tse phelang matamong a tlhoekiso.
Ho se fumane koetliso e nepahetseng
Basebetsi ba matamo a tlhoekiso ea likhoerekhoere ba lokela ho fumana koetliso nako le nako e le ho ba le malebela a nepahetseng mabapi le tšebeliso ea marangrang a ka ntlafatsang boleng ba tlhoekiso. Ho se fumane koetliso ena ka nako ho ka kenya letsoho phanong e mpe ea litšebeletso kapa ho baka bosebeletsi bo bohla.
Tlhokahalo ea tšalo morao ea mosebetsi le ho se boloke litlaleho
Ho se etse tšalo morao ea mosebetsi ekasitana le ho se boloke litlaleho tsa mosebetsi ke tse ling tsa lintho tse kenyang letsoho ho silafatseng boleng ba tlhoekiso ea likhoerekhoere. Ho se phethoe hoa tsena tsohle ho etsa hore tšalo morao ea tse lokeloang ho etsoa li se phethahale ka tšoanelo. Ha re sheba kahare ho naha, LEWA e bopile Meoloane Polokeho ea Litsi tsa Tlhoekiso ea Metsi le Likhoerekhoere e laolang tšebetso le tokiso ea litsi tsohle tsa tlhoekiso tsa WASCO. Sepheo sa meoloane ena ke ho fokotsa likotsi tse ka hlahang litsing, bophelong ba basebetsi le ho netefatsa tšireletso ea tikoloho. Ke boikarabello ba WASCO ho bona hore e fihlela lipehelo tsa meoloane ena. LEWA e lisa maemo ka ho hlahloba litsi tsena khafetsa.
Litlhahlobo li bontša hore WASCO e hloloa ho fihlela lipehelo mabapi le boleng le poloko e chatsi ea litsi tsa tlhoekiso ea metsi.