Address

7th Floor, Moposo House, Maseru

Telephone

( 266)2231 2479

Email

secretary@lewa.org.ls

Lefa mokitlane oa hau oa metsi le likhoerekhoere

Ho lefa mokitlane oa metsi le likhoerekhoere ke boikarabello bo boholo ba motho ea hlokometseng lelapa, mme taba ena e susumetsa hore litšebeletso tsa boleng li lule li fumaneha.

Ho etsa joalo ke ho baballa tšebetso ea phano ea litšebeletso tse boletsoeng. Leha hole joalo, basebelisi balitšebeletso ba lokela ho utloisisa mekitlane ea bona, ba hlokomelisoe mekhoa ea ho boloka litjeo le mekhoa ea ho lefa e le ho tšehetsa polokeho ea litšebeletso le litjeo tsa tsona.

Ho latela khaolo ea 6 (q) ea molao o hlomathisitsoeng oa Lekhotla la Taolo ea Motlakase oa 2011, ke boikarabello ba Lekhotla la Taolo ea Motlakase le Metsi Lesotho (LEWA) ho bona hore maemo a lichelete a K’hamphani ea Metsi le Likhoere-khoere (WASCO) a lula a  tsitsitse. Ka tsela e tšoanang, Lekhotla le lokela ho nkela holimo taba ea phepelo e tšepahalang ea motlakase, metsi a hloeking le litšebeletso tsa likhoere-khoere.

Ke ka hona sechaba se lulang se hopotsoa hore litšebeletso li lokela ho pataloa khoeli le khoeli. WASCO le eona e na le boikarabello ba ho bona hore e lula e le maemong a nepahetseng a lichelete, e le ho tsoellisa tšebetso ea eona ea mehla pele. Tšebetso ena hangata e angoa ke ho se pataloe ke basebelisi ba metsi ba kenyelletsang makala a ‘muso. Ho bohlokoa hore basebelisi ba utloisise hore phepelo ea metsi e tla ka litjeo. Leha hole joalo, ho na le bopaki bo hlakileng ba hore basebelisi ba metsi ha ba lefe metsi, ‘me le ba lefang ba etsa joaloka monyebe e bile ba lieha.

Bothata bona ba ho se patale mekitlane ea tšebeliso ea metsi, bo kenya letsoho liqholotsong tsa lichelete ho WASCO. Ho se lefe ho sitisa WASCO ho fana ka litšebeletso ka mehla e bile e le ka tsela e nepahetseng, mme taba ena e hanya tšebetso le maikemisetso a setsi sena hammoho le Lekhotla. Ka kotloloho, taba ena e ama WASCO, basebelisi ba litšebeletso, sechaba ka kakaretso le tikoloho. WASCO e ameha ka tsela e lateng:
• Ho hloka chelete sebakeng sa tšebetso ka kakaretso mmoho le ho lokisa marang-rang;
• Ho hloka bokhoni ba ho tsetela ho marang-rang a macha le matlotlo a mang;
• Mekitlane ea bafani ba thepa e lula e le holimo mme setsi se qetella se tobane le likotlo tsa litjeo le ho lahleheloa ke phepelo ea metsi ka nako e‘ngoe.
 • Ho hloka mokhoa oa litjeo tsa ho lefa mekitlane ea libanka kapa hona ho fumana mekitlane e mecha bankeng; le
• Ho tobana le basebelisi ba nyahameng ba senang tjantjello ea ho lefa mekitlane ea bona.

Basebelisi ba ameha ka tsela e latelang:
• Litšebeletso li ea qepha, kanetso ea litšebeletsoe ba tlaase mme le bahloki ba  ameha ka tsela e khethehileng;
• Bophelo bo botle ba sechaba;
• Basebelisi ba litšebeletso tsa metsi ha ba khotsofalle litšebeletso tse fanoang;
• Mekitlane e ba e sa nepahalang, hangata tšebeliso ea metsi e ba e hakantsoeng; le
 • Tšusumetso ea litjeo tse phahameng tsa metsi e le mokhoa oa ho nyolla lekeno.

Sechaba le tikoloho li ameha ka tsela e latelang:
• Ho ata hoa mafu a bakoang ke metsi mme a ama bophelo ba sechaba;
• Boipelahetso ba sechaba ka litšebeletso tse sa khotsofatseng;
• Lekeno lea fokola sebakeng sa ho anetsa litšebeletso ho sechaba se senang tsona; le
• Keketseho ea likhokelo tse seng molaong.

Bohlokoa ba ho sebetsana le bothata ba ho se lefelle litšebeletso, ke ho bona hore setsi sa phano ea litšebeletso se fana ka litšebeletso tse khotsofatsang le mekitlane e nepahetseng ka nako e lebelletsoeng.

Boithaopi ba ho lefa mekitlane bo susumetsoa ke taba ea ho fumantšoa litšebeletso tsa boleng ebile li fumaheha kamehla. Ka hona, litsi tsa phano ea litšebeletso li lokela ho sebetsa ka tsela e tšepahalang e le ho loantša bobolu mme li hlokomele hore lichelete li sebetsa ka tsela e nang le ponaletso. Qetellong marang-rang a tla ba le monyetla oa ho pharalatsoa ho ea fihla moo ho senang litšebeletso.

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked*