Address

7th Floor, Moposo House, Maseru

Telephone

( 266)2231 2479

Email

secretary@lewa.org.ls

Lesotho le kenyeletsa phehlo ea motlakase ka moea leanong la naha la tlhahiso ea motlakase o hloekileng

Mokhoa oa ho fehla motlakase ka moea o talingoa e le tlatsetso phehlong ea matla a hloekileng ka letsatsi le metsi ekasitana le ho ba karolo ea tharollo ho tlatsetsa khaellong ea matla ea naha. Naha e letšolong la ho hohela batseteli ba ka qalang merero ea ho fehla motlakase ka moea e le karolo ea moralo oa eona oa ho tsoaka mekhoa ea ho fehla motlakase.

Setsi sa Hirundo Energy se ile sa thakhola sebaka sasona sa tšebetso. K’hamphani ena e tl’o fehla motlakase oa sekhahla sa matla a 15% ka mechine e 12 e fehlang moea. Mechine ena e fehlang moea e tla behoa holima tse ling tsa lithaba tsa setereke sa Mohale’s Hoek. Motlakase o tla fehloa, o tla fetisoa ka Litšoeneng 132 kV substation ka tumellano e tla tekeneloa.

Haa buoa thakholong ea ofisi, Monghali. Jacob Demeyer o ile a hlalosa hore o thabile haholo ha e le mona mohato oa pele o qala. O ile a hlalosa hore morero oa Hirundo Energy, o bontša boikemisetso le boitelo ba bathehi ba tsitlalletseng hore toro ea bona e phethahale. O ile a boela a tšoaela hore morero ona o tl’o kenya letsoho kholong ea moruo oa naha esitana le tlhahisong ea motlakase ka lihloliloeng.

Morero ona ke o ikhethileng Lesotho mona. Ka hona o ile a lebisa liteboho tsa hae tse khethehileng ho ‘Muso oa Lesotho, Lekala la Matla, Kopano ea Linaha tsa European, LEWA hammoho le litsi tse ling ka tšehetso. Morero ona o tl’o thusa Lesotho ho fihlela takatso ea lona ea ho rekisetsa linaha tse ling motlakase o tsoang litsing tsa phehlo ea motlakase tse fapaneng, ho boletse Monghali Demeyer.

Mookameli oa Lefapha la Matla, Monghali Mokhethi Jerry Seitlheko, o ile a lebohela Hirundo Energy ha e le mona e nka leoto la pele bakeng sa ho fihlela morero oa eona oa phehlo ea motlakase. O ile a boela a hlalosa hore o thabetse boteng ba morero ona kaha o fihla nakong eo naha e imetsoeng ke litheko tsa motlakase ho tsoa litsing tse ka ntle ho naha. Sekhahla sena sa phehlo ea matla a 60 MW se tl’o etsa phapang e kholo tlhokong ea naha. Morero hape o tl’o thusa naha hore e fihlele lipehelo tsa phumantšo ea motlakase ho batho bohle ka 2030.

Lebitsong la ‘Musi oa Setereke sa Mohale’s Hoek, Monghali Litšoeneng Tiheli o ile a leboha ‘Muso oa Lesotho hammoho le Balekane Ntlafatsong ka morero ona oa ntlafatso ea sechaba. O ile a hlalosa hore morero o tl’o tlisa ntlafatso le kholo ea moruo hammoho le litsebo tse ikhethileng. O ile a boela a hlalosa hore morero o tl’o tlisa kholo ea bohahlaoli, ‘me baahi ba Mohale’s Hoek ba itukiselitse boemo boo.

Morerong ona, mosebetsi oa LEWA ke ho fana ka tataiso ka botsebi hammoho le ho batalatsa mabala bakeng sa ho nolofaletsa litsi tsa phehlo ea motlakase hore li eketsehe. Leha ho le joalo, Hirundo Energy ha e so teke kopo ea eona ea lengolo la tšebetso ho LEWA. Ho sa le joalo, Setšoantšo sa Molao oa Matla (Energy Bill) se ntseng se etsoa, se kenyeletsa hore naha e fehle motlakase o hloekileng ekasitana le ho hohela batseteli mererong ena. ‘Muso o tsoile letšolo ho ntlafatsa phehlo ea motlakase ka moea, letsatsi le metsi. O bile o ipehetse mooloane oa ho eketsa matla hore e be 200 MW mafelong a selemo sa 2025.

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked*