Address

7th Floor, Moposo House, Maseru

Telephone

( 266)2231 2479

Email

secretary@lewa.org.ls

Lintho tse amang phepelo ea metsi ho basebelisi ba oona

Komello ka lebaka la tlhokahalo ea pula.

Phano ea litšebeletso tsa metsi metseng ea litoropo e anngoa ke lintho tse ngata. Batho ba angoang haholo ke sena, ke ba fepeloang metsi ke K’hamphani ea Metsi le Likhoerekhoere (WASCO).

WASCO e tlangoa ke molao ho fana ka phepelo ea metsi le ho hloekisa likhoerekhoere libakeng tseo e sehetsoeng ho sebetsa ho tsona. Phano e fokolang ea metsi e bakoa ke litla-morao tse tlisoang ke kholo e phahameng ea sechaba litoropong, komello ekasita le likhohola. Litla-morao tsena li lebisa phepelong e tlaase ea metsi ekasitana le boleng ba oona.

Sekhahla sa kholo e holimo ea sechaba se phelang metseng ea litoropo se etsa hore lefatše le be thata hoo metsi a pula a sa khoneng ho ngobela fatše, ‘me ho ba ke likhohola. Se bakang tlhokahalo ea metsi metseng ea litoropo e ba kholo ea sechaba e ka holimo ho bokhoni ba phepelo ea mothamo oa metsi. Ha maemong a mang teng, matlo a ahoa hole haholo le moo WASCO e nang le tumello ea ho fepela metsi.

Mabaka a mang a ka sitisang phano ea metsi ke matlo a ahoang holima marang-rang/lipeipi (servitude) tsa WASCO ‘me sena se beha bophelo ba mosebelisi ea joalo tlokotsing. WASCO e sebetsa feela libakeng tse hloahiloeng e le tsa litoropo, moo enang le bokhoni ba thepa le lichelete.

Boemong boo WASCO e bonang ho hlokahala hore e atolose litšebeletso tsa eona, K’hamphani e tla kopa ho ekeletsoa moeli oa tšebetso ho ba amehang. Komello ke e ‘ngoe ea lintho tse amang phepelo ea metsi nako eohle. Boemo bona bo etsahala nakong eo pula e leng sieo, ‘me le mehloli ea metsi e kang linoka le matamo li chele kapa metsi a qephile haholo. Nakong eo ea komello, WASCO e ee e fepele metsi ka phapanyetsano, ka likoloi tse tsamaisang metsi le ka ho a notla.Se seng hape se amang phepelo ea metsi e ba tšilafatso ea metsi, haholo moo metsi a sa phalleng. Metsi a joalo, a hloka litšenyehelo tse holimo bakeng sa tlhoekiso.

Nakong ena eo ho nang le phetoho ea leholimo, likhohola ke tse ling tsa lintho tse bakang mathata phepelong ea metsi. Likhohola tsena li ka hlaha ka mokhoa oa likhoerekhoere tse phallang kapa metsi a sa laoleheng ho tsoa lifemeng. Likhohola tsena li ka silafatsa mehloli ea metsi a nooang. Likhohola li ka boela tsa senya thepa e sebelisoang ho fepela metsi joaloka li-peipi le motlakase. Li-peipi tse senyehileng li ka boela tsa baka tahlehelo ea metsi a hloekileng.

Puisanong le LEWALITABA, Mofumahali ‘Mapaseka Makhaba, Ofisiri ea Boleng ba Metsi, o ile a hlolosa hore likhohola li sitisa WASCO ho fihlela phepelo ea metsi a hloekileng le ho fumaneha nako eohle. O ile a boela a tšoaela ka hore litsi tsa WASCO tse Qacha’s Nek, Mokhotlong, Mapoteng le Mohale’s Hoek li angoa haholo ke litla-morao tsa tšenyo ea likhohola.

Phepelo e sa lekaneng ea metsi e ama meoloane ea phumantšo ea oona ka nako tsohle. Phumantšo ea metsi ke karolo ea Lipehelo tsa Ntlafatso tsa Moshoelella (Sustainable Development Goals) 6, eo ho eona e nang le meoloane e lokelang ho fihleloa ka 2030.

Lorem ipsum dolor sit amet, consectetur adipiscing elit. Ut elit tellus, luctus nec ullamcorper mattis, pulvinar dapibus leo.

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked*