Lekhotla la Taolo ea Motlakase le Metsi Lesotho (LEWA) le lula le etsa litlhahlobo tsa boleng le polokeho ea metsi ho latela lipehelo litsing tsa phepelo ea metsi tse leshome le metso e tšeletseng tsa Kh’amphani ea Metsi le Likhoerekhoere (WASCO).
Lekhotla le etsa sena e le ho phethahatsa karolo e ‘ngoe ea mosebetsi oa lona oa ho sireletsa basebelisi ba litšebeletso tse fanoang ke WASCO khahlanong le kotsi efe kapa efe nakong ea phano ea litšebeletso. Lekhotla le sebelisa tokomane ea Boleng bo Tsoileng Matsoho le Phano ea Litšebeletso (QoSSS) e le tse ling tsa lisebelisoa bakeng sa ho netefatsa hore litsi tse kang WASCO li ikobela lipeheloekasitana le ho fana ka litšebeletso tsa boleng bo holimo ka nako tsohle.
Mofumahali ‘Mapaseka Makhaba, setsibi sa LEWA ka boleng ba metsi o hlaloselitse LEWA LITABA hore litlhahlobo tse entsoeng, li bontša ha boleng ba metsi a fanoang ke WASCO bo fihlela lipehelo ka mokhoa o khotsofatsang. Le ha ho le joalo, o bontšitse ha WASCO e kikitlela phepelong ea metsi ka nako eohle libakeng tse ling. O ile a boela a tsoela pele hore phepelo ea metsi e ameha haholo nakong ea komello, kaha sena se etsa hore metsi a fepeloe ka phapanyetsano. Ha nakong eo pula e nang haholo teng, phepelo ea metsi e sitisoa ke ho koaleha hoa lipeipi tse khang metsi ka linokeng, kapa ho hoholeha hoa tsona, e leng tse etsang hore tšebetso ea ho hloekisa metsi e khinehe.
WASCO e na le litsibi ekasitana le thepa e lekaneng ho netefatsa hore boleng ba metsi metseng ea litoropo e ba ea boemo ba machaba.