Khoelehetso ea ho nonya maikutlo a sechaba ke mohato o bohlokoa tsamaisong ea puso ea sechaba ka sechaba,le ho fana ka monyetla hore sechaba se teke liqholotso tsa sona ho ba nang le matla. Li- ‘moka tsena li bohlokoa haholo ho Lekhotla la Taolo ea Motlakase le Metsi Lesotho (LEWA) kaha li thusa hore le fane ka qeto tsa litheko le litefiso se bopiloeng ka maikutlo a sechaba, ho fana ka mangolo a tumello ea tšebetso le ho hlahisa meralo ea nako e telele ea tšebetso.
Ka hona, ho bohlokoa hore sechaba se iponahatse nakong eo LEWA e entseng khoeleletso ea nonyo ea maikutlo. Li-‘moka tsa ho nonya maikutlo a sechaba li etsa bonnete ba hore phano ea maikutlo e be le ponaletso. Hape, li thusa basebelisi ba litšebeletso hore ba be le tšalo morao holima phethahatso ea mesebetsi eo litsi tse boliseng ba LEWA hammoho le LEWA li reretsoeng ho e phethahatsa. Ka hona, ho se iponahatse hoa sechaba li-‘mokeng tsena ho ama boleng ba tšebetso ea LEWA mesebetsing ea eona.
Ho se fumane tšehetso e lekaneng ho tsoa ho basebelisi ba litšebeletso ho etsa hore lintlha tsa bohlokoa li se elelluoe ekasitana le hona ho se utloisisoe ke ba nkang liqeto.
Nakong ea nonyo ea maikutlo a sechaba, LEWA e lebeletse hore ho fanoe ka maikutlo le litlatsetso nakong e itseng e le hore qeto ea moshoelella e fihleloe. Ka hona, ho se fumane maikutlo ho susumeletsa liqeto tse sa arabeleng litlhoko tsa sechaba. Maikutlo a sechaba a thusa ho bopa maano a arabelang litlhoko tsa batho ba itseng feela eseng bohle.
Ka tsela e tšoanang, sena se boela se etsa hore litsi tse boliseng ba LEWA li ikutloe li sena boikarabello bo ba tlamang ho sechaba. Hape, ho se ikamahanye kapa ho fumana maikutlo a fokolang a sechaba ho etsa hore litsi tse boliseng ba LEWA li se fumane maikutlo a nonneng a ka thusang kholong le katlehisong ea litšebeletso tsa tsona.
Li-‘moka tsa ho nonya maikutlo a sechaba li fana ka monyetla oa hore sechaba se rutoe ka mesebetsi ea LEWA ekasitana le ea litsi tse boliseng ba LEWA. Ka hona, ho se iponahatse liphuthehong tsa mofuta o joalo ho etsa hore basebelisi ba litšebeletso ba se be leseling la liphetoho ekasitana le hore na li tla ba ama joang. Mohlala, ho se iponahatse ka mokhoa o khotsofatsang li-‘mokeng tse amanang le litefiso le litheko tsa motlakase metsi le likhoerekhoere, ho etsa hore basebelisi ba tsona ba se fumane thuto le leseli le amanang le methati e nkoang hore qeto ea moshoelella e tle e fihleloe.
Ka hona, ho se iponahatse liphuthehong tsa mofuta o joalo ho etsa hore basebelisi ba litšebeletso le sechaba ka kakaretso ba lule ba sa tsebe lintho tse ngata hammoho le ho thetsoa ha bobebe.
Nakong ea ‘moka tsa nonya maikutlo a sechaba, Lekhotla le bokeletsa maikutlo a sechaba ka lipitso, likopano, ka mongolo hammoho le ka litsi tsa bophatlalatsi.