Address

7th Floor, Moposo House, Maseru

Telephone

( 266)2231 2479

Email

secretary@lewa.org.ls

Tlhokomeliso ea LEWA ka lingongoreho tsa mehla litšebeletsong tsa metsi, likhoerekhoere le motlakase

Ke taba e tlileng tlhokomelong ea Lekhotla la Taolo ea Motlakase le Metsi Lesotho (LEWA), hore ho na le lingongoreho tse hlahisoang hangata ke sechaba likopanong tsa Lekhotla, le nakong ea tharollo ea litletlebo. Ka hona, Lekhotla le e ntse qeto ea ho hlalosa lintlha tse joalo ka botebo. Ka tlaase mona kelipotso le likarabo molemong oa ho fana ka thuto.

A. LITŠEBELETSO TSA METSI LE LIKHOEREKHOERE

Potso ea pele: Boikarabello ba mosebelisi oa litšebeletso tsa metsi ke bo fe tlhokomelong ea mithara?

Karabo ea pele: K’hamphani ea Metsi le Likhoere-khoere (WASCO) e ikarabella tlhokomelong ea thepa ea eona ea marang-rang a metsi a kang lipeipi tse kholo le tse ‘nyane tsa phepelo ea metsi ho fihlela moo khokelo e etsoang teng. Hang ha metsi a se a fetile mithareng, mosebelisi oa litŝebeletso o se a nka taolo ea ho hlokomela thepa ea khokelo. E leng hore boikarabello ba mosebelisi oa metsi bo qala ho tloha mithareng ho ea ka tlung.

Potso ea bobeli: Ke mabaka a fe a ka etsang hore litjeo tsa tšebeliso ea metsi li phahame?

Karabo ea bobeli:

Tšebeliso e kholo ea metsi ka khoeli:

Hangata mokoloto oa metsi o phahamisoa ke tšebeliso e kholo ea metsi. Khothaletso ke hore mosebelisi oa litŝebeletso a ngole fatše lipalo-palo tsa mithara oa hae ka nako e tšoanang ea letsatsi. Tšebeliso ea metsi e ka netefatsoa ka ho tlosa lipalo tsa mithara tsa nako e fetileng ho tsa joale. Bapisa tšebeliso ea metsi ea letsatsi le letsatsi ‘me u tla ithuta hore na metsi a sebelisoa ka sekhahla se joang.

Metsi a lutlang:

Mokoloto oa metsi o ka nyolloa ke metsi a lutlang lipeiping. Hlokomela metsi a rothang lipompong hobane ke ona a nyollang tšebeliso ea metsi. Ho netefatsa hore ha hona lipeipi tse lutlang, mosebelisi oa metsi a ka koala lipompo tsohle, eaba o sheba mithara hore na ha o tsamae. Ha lenaka la mithara le sa pote-pote, ho bolela hore ha hona lipeipi tse lutlang. Ke boikarabello ba mong’a ntlo ho lokisa moo ho lutlang.

Theko ea metsi le lihlopha tsa basebelisi:

Ha mokoloto oa metsi o bonahala o le mongata ho feta ka moo ho tloaelehileng, ho ka bolela hore tšebeliso ea metsi e fetetse sehlopheng se ka holimo sa tšebeliso, ‘me litjeo li tla ba holimo. WASCO e sebelisa mokhoa o lekantsoeng oa ho lefisa tšebeliso ea metsi, e le ho khothaletsa tšebeliso e hlokolosi ea metsi. Ha metsi a sebetsa ka bongata, ho bolela hore theko ea lithara ka ‘ngoe le eona e ea phahama ho latela litefiso tse behiloeng. 

Potso ea boraro: Lipehelo ke li feng sebakeng sa ho fana ka khakanyo ea litjeo tsa khokelo ‘moho le phepelo ea metsi?

Karabo ea boraro: Ho latela Lipehelo tsa Boleng le Phano ea Litšebeletso (QoSSS), khakanyo ea phano ea litšebeletso e lokela ho fanoa matsatsing a tšeletseng moo ho seng ho ntse ho e na le marang-rang, ebile sebaka lipakeng tsa lipeipi le moo khokelo e eang teng se sa fete limithara tse lekholo le mashome a mahlano (150m). Moo e bang ho hlokahala marang-rang a macha, khakanyo e lokela e fumanehe matsatsing a leshome a tšebetso. Hape mokopi o lokela a be a tlatsitse liforomo tsohle tse lokelang ebile a fane ka litokomane tsohle tse hlokehang.

WASCO e lokela ho fana ka khokelo ea metsi matsatsing a leshome a tšebetso moo marang-rang a leng teng, ‘me le sebaka se sa fete limithara tse lekholo le mashome a mahlano (150m). Moo ho hlokahalang marang-rang a macha ebile le sebaka se feta limithara tse 150, phepelo e lokela ho fanoa nakong ea khoeli. Mokopi o lokela a be a e ntse tsohle tse lebelletsoeng, ho kenyelletsa le ho lefella o litjeo tse behiloeng.

Potso ea bone: Na ho na le lipehelo sebakeng sa ho khaoloa hoa litšebeletso?

Karabo ea bone: Litšebeletso li ka khaoloa moo mosebelisi a sa lefellang mokitlane oa tšebeliso ea metsi, moo a hleka-hlekaneng le thepa ea phepelo, moo a sa ikamahanyang le lipehelo le moo khokelo e entsoeng ka ntle ho molao. Basebelisi ba sa lefellang mekitlane ba lokela ho fuoa tsebiso ea matsatsi a mabeli pele litšebeletso li khaoloa. Mosebelisi ea joalo o na le tokelo ea ho se khaoleloe litšebeletso kamora lihora tsa tšebetso kapa nakong ea matsatsi a phomolo. Litšebeletso li lokela ho khutlisoa ka hare ho letsatsi kamora hore ho lefelloe mekitlane.

Ha ho khaoloa hoa litšebeletso ho etsoa ka mabaka a mang ntle le la mokitlane, tšebetso e joalo e ka etsoa ntle le tsebiso. Litšebeletso li lokela ho khutlisoa matsatsing a mabeli ka mora hore ho lefelloe litjeo tsohle tse lokelang.

Potso ea bohlano: Lipehelo ke li feng sebakeng sa ho khaoloa hoa phepelo ea metsi?

Karabo ea bohlano: Lipehelo li teng tse laolang maemo a moo phepelo ea metsi e khaohang e le ka morero kapa ka tšohanyetso. Ha ho reriloe hore phepelo ea metsi e tla khaoloa, basebelisi ba metsi ba lokeloa ho tsebisoa bonyane matsatsi a mabeli pele ho tšebetso, ‘me metsi a lokela a khutlisoe bonyane lihoreng tse robeli tšebetso e qalile. Ha phepelo e khaohile ka tšohanyetso, metsi a tlameha a khutlisoe nakong ea lihora tse mashome a mane a metso e robeli, e leng matsatsi a mabeli.

Tletlebo e ka hlahang mabapi le lipehelo tse hlalositsoeng ka holimo tsa litšebeletso, molli o lokela a teke tletlebo e joalo ho WASCO. Ha tletlebo e sa rarolloa nakong ea libeke tse peli, kapa molli a sa khotsofalla tharollo, Lekhotla le ka atameloa sebakeng sa ho kena lipakeng.

B.LITŠEBELETSO TSA MOTLAKASE

Ka tlaase mona ke lipotso le lingongoreho tse hlahisoang khafetsa ke basebelisi ba litšebeletso lithaleng tse fapaneng moo ho buisanoang ka litaba tsa motlakase le likarabo ka Lekhotla la Taolo ea Motlakase le Metsi Lesotho (LEWA).

Potso ea pele: Ke hobaneng LEWA e sa sebetsane le litletlebo tsa litsiane tsa matšeliso?

Karabo ea pele: Ho latela Molao oa Lekhotla la Taolo ea Motlakase Lesotho oa selemo sa 2002 o hlomathisitsoeng, Lekhotla ha lea fuoa matla a ho sebetsana le litletlebo tsa litsiane tsa matšeliso moo sechaba se phetsoang meokho moo tšebetso ea LEC e kena-kenaneng le thepa ea baji.

LEWA e filoe matla a ho laola litšebeletso tsa motlakase, metsi le likhoere-khoere, ‘me Lekhotla le sebetsana feela ka kotloloho le litaba tse amang litšebeletso. Mesebetsi ea mantlha e etsoang ke LEWA ke e latelang:

√ Ho fana ka li lakesense tsa tšebetso.

√ Ho beha meoloane ea litšebeletso tsa motlakase, metsi le likhoere-khoere.

√ Ho lisa le ho netefatsa tšebetso e tsoileng matsoho ea litsi tse laoloang ke LEWA.

√ Ho etsa qeto holima litheko tsa motlakase, le litšebeletso tsa metsi le likhoere-khoere.

√ Ho rarolla litletlebo lipakeng tsa ba filoeng mangolo a tumello le basebelisi ba litšebeletso, moo ebang litletlebo tse joalo li hlotsoe ho rarolloa ke ba fanang ka litšebeletso, le lipakeng tsa ba filoeng mangolo a tšebetso.

 

Potso ea bobeli: Lipehelo ke lifeng sebakeng sa ho fana ka khakanyo ea litjeo tsa phepelo ea motlakase?

Karabo ea bobeli: Mokopi o lokela a be a entse kopo a bile a fane ka litokomane tsohle tse hlokehang ho K’hamphani ea Motlakase Lesotho. Likhakanyo tsa litjeo tsa phepelo li lokela ho fanoa matsatsing a leshome a tšebetso moo marang-rang a leng teng. Empa moo ho hlokahalang katoloso ea marang-rang, likhakanyo li fanoa ka hare ho matsatsi a khoeli. Moo teng kopo e etsetsoang likhoebo, nako ea phano ea likhakanyo e lokela ho shebisanoa/seka-sekoa ke ba amehang.

Phepelo e ncha ea motlakase e lokela ho fanoa nakong ea khoeli moo marang-rang a seng a ntse a le teng. Moo ho hlokahalang katoloso, phepelo e etsoa nakong ea likhoeli tse peli. Phepelo e etsoa nakong ea khoeli tse nne moo ho hlokahalang likatoloso tsa marang-rang a maholo. Empa moo kopo e entsoeng bakeng sa likhoebo, nako ea phepelo e lokela ho shebisanoa/seka-sekoa ke ba amehang.

Potso ea boraro: Ke maemong a feng ao litšebeletso tsa motlakase li ka khaoloang?

Karabo ea boraro: Litšebeletso tsa motlakase li ka khaoloa maemong a fapaneng, a kenyelletsang moo mosebelisi a sa lefellang litšebeletso, moo ho hleka-hlekanoeng le thepa ea motlakase le moo khokelo e entsoeng ka ntle ho molao. Moo litšebeletso li kolotoang, mosebelisi o lokeloa ho tsebisoa matsatsi a mabeli pele litšebeletso li khaoloa. Litšebeletso ha li ea lokela ho khaoloa mantsiboea kapa ka matsatsi a phomolo.

Litšebeletso li lokela ho khutlisoa letsatsi ka mora hore ho pataloe mokitlane.

Ha khaolo ea litšebeletso e etsoa ka mabaka a mang ntle le la mokitlane, tšebetso e joalo e ka etsoa ntle le tsebiso. Litšebeletso li lokela ho khutlisoa matsatsing a mabeli ka mora hore ho lefelloe litjeo tsohle tse lokelang le ho lokisa moo ho hlokahalang.

Potso ea bone: Ke mabaka a fe a etsang hore limithara li se sebetse hantle, ‘me mosebelisi oa litšebeletso o lokela ho etsa joang?

Karabo ea bone: Hangata mabaka a etsang hore limithara li se sebetse hantle a kenyelletsa moo ho hleka-hlekanoeng le tsona, moo e bang thepa e sebelisoang ea motlakase e na le bothata kapa mohlomong ho na le tšetiso e hlahang kantle. K’hamphani ea motlakase Lesotho e lokela ho hlahloba limithara khafetsa, e le ho netefatsa hore li ntse li sebetsa hantle.

Mosebelisi o na le tokelo ea ho kopa tšebeletso ea ho hlahlobeloa mithara, ‘me tšebetso e lokela ho fanoa nakong ea khoeli. Tšebetso ena e lokela ho etsoa ke setsibi litabeng tsa marang-rang a limithara.

Potso ea bohlano: Lipehelo ke li feng sebakeng sa ho tlosa mithara ho tloha sebakeng se seng ho ea ho se seng?

Karabo ea bohlano: Ke taba e amohelehileng ho tlosa litšebeletso tsa motlakase sebakeng se seng ho ea ho se seng. Mokopi o lokela ho atamela LEC sebakeng sa tataiso. Hore tšebetso e joalo e etsoe, mokopi o lokela a be a lefile mekitlane e ka bang e teng, ‘me ka morao ho moo, LEC e ka tsoela-pele ka phepelo ea motlakase sebakeng se secha. Hona le litjeo sebakeng sa ho tlosa litšebeletso ho li isa sebakeng se seng. Ka hara tse ling, litjeo li ipapisa le bolelele ba moo ho tla okhoa matla teng le hore na mofuta oa litšebeletso tse hlokoang ke ofe.

Le ha ho le joalo, taba ea ho fetisa “li-units” tsa motlakase ho tloha ho mithara o fallisoang ho ea sebakeng se secha ha e etsoe. Motlakase o setseng mithareng o lokela o sebelisoe pele ho fallisoa mithara. Mokopi o lokela a tsebise LEC ka nako pele a fallisa litšebeletso.

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked*