Tŝebeliso ea matla a tlholeho metseng ea litoropo ke mohato o bolokehileng o kenyang letsoho phokotsong ea litjeo tsa motlakase ekasitana le ho fokotsa sekhahla se holimo sa theko ea motlakase ho tsoa linaheng tse kantle. Ka hoo, seabo sa ‘Muso le mafapha a ikemetseng se ea tšoana molemong oa ntlafatso ea naha.
Hore tsena tsohle li etsahale, ho lokeloa ho hloauoa libaka tse itseng e le hore ho kenngoe matlapa a letsatsi le mechini e fehlang motlakase ka moea. Hloahloeng e ka Boroa ea Afrika, South Africa ke eona e bonahalang e ipabola ka ho sebelisa meaho ea sechaba le libaka tsa moo ho pakoang makoloi bakeng sa ho fehla motlakase ka matla a letsatsi. Ha linaheng tsa Europe teng, Spain e le eona e hatetseng pele ka ho fokotsa tŝilafalo ea boemo ba leholimo. Ka selemo sa 2019, Spain e bonahetse e entse phokotso ea tŝilafalo ea leholimo ka linoko tse leshome lekholong (10%).
E le mohato oa ho arabela phokotso ea sekhahla se holimo sa tŝilafalo ea leholimo, linaha tse ngata li se li sebelisa matlapa a letsatsi bakeng sa ho fehla motlakase ‘me oona a kenngoa holima meaho. Motlakase o hlahisitsoeng moo, o khona ho sebelisoa le ho bolokoa bakeng sa nako e tlang. Ka hona, phepelo ea motlakase e ea imoloha ‘me litsi tsa phano ea motlakase le tsona li imoloha ho reka motlakase o mongata, o ka hlahang linaheng tse ling.
Lesotho le lona le ka sebelisa meaho le libaka tseo ho pakoang makoloi bakeng sa ho fehla motlakase oa letsatsi. Sena se ka etsoa hape metseng e ka thoko ho toropo, e ntse e le mohato oa ho fokotsa tŝebeliso ea motlakase o rekoang. Mohlala, litŝenyehelo tsa ho kenya letlapa la letsatsi ke likete tse leshome tsa Maloti (M10, 000.00).
Mekhoa e meng ea phehlo ea motlakase o hloekileng ke:
• Phehlo ea motlakase ka moea: Mona ho ka sebelisoa li-turbine tse fehlang moea e le hore ho hlahisoe motlakase.
• Phehlo ea motlakase ka metsi: Mona ho ka sebelisoa metsi a phallang bakeng sa ho fehla motlakase ka metsi, eba a hlaha mekhoabong kapa linokeng.
• Phehlo ea motlakase ka lithoele: Mona ho ka sebelisoa lithole bakeng sa ho fehla motlakase. Lintho tse ka sebelisoang e ka ba lijo tse lahloang, toti ea ‘masepala kapa mantle a liphoofolo, har’a tse ling.
Leha LEWA e khotlaletsa hore ho sebelisoe mehloli e meng ea matla, e elelloa hore ho na le mathata le liqholotso tse ka etsang hore tsena li se etsahale ka thello. Har’a liqholotso tse teng ho kenyelletsa tlhokahalo ea chelete e lekaneng ekasitana le tlhokahalo ea marang-rang a nepahetseng ho phethahatsa tŝebetso.