Lekhotla la Taolo ea Motlakase le Metsi Lesotho (LEWA) le thehetsoe, har’a tse ling, ho: hlahisa, boloka, hlahloba, lisa ekasitana le ho kenya tšebetsong boleng ba phepelo ea metsi hammoho le litšebeletso tsa likhoerekhoere. E le ho phethahatsa mosebetsi ona, LEWA ka Lefapha la Taolo ea Metsi le etsa litlhahlobo litsing tse 16 tsa K’hamphani ea Metsi le Likhoerekhoere (WASCO). Ka tlhahlobo tsena, LEWA e phethahatsa o mong oa mesebetsi ea eona oa ho lisa Boleng ba Phano ea Litšebeletso le Lipehelo (QoSSS).
Nakong eo LEWA e qetang ho etsa tlhahlobo ea litsi tsa WASCO, e ba, e tla fana ka lintlha tseo K’hamphani e lokelang ho li lokisa, ka nako e behiloeng. ‘Me ha nako eo e fela, LEWA e etsa tšalo morao, e le ho netefatsa hore tseo e supileng hore li lokisoe, e feela li phethahalitsoe.
Litlhahlobo tseo LEWA e li etsang li kenyelletsa boleng ba lipehelo tsa metsi le likhoerekhoere. Tse hlahlojoang metsing ke likokoana hloko, tlhako ea metsi le boleng ba se hloekisang metsi. Ka tsela e tšoanang, se hlahlojoang likhoerekhoereng ke linthoana tse fumanehang likhoerekhoereng hammoho le moea o lekaneng bakeng sa ho bolaea tse sa hlokoeng likhoekhoereng.
Tšebetso ea WASCO bakeng sa boleng ba metsi le likhoerekhoere selemong se fetileng se ne se le tlasa lipehelo tseo e li filoeng. LEWANEWS puisanong le Ofisiri ea Tlhahlobo ea Metsi, Mofumahatsana ‘Mapaseka Makhaba o hlalositse hore leha boleng ba lipehelo tsa metsi le likhoerekhoere bo theohile, seo ha se bolele hore sechaba le liphoofolo li ka ba tlokotsing. Ka hona, metsi a ne a ntse a ka sebelisoa ke batho. Hape, boleng ba likhoerekhoere le bona bo ne bo le boemong bo bolokehileng bakeng sa tikoloho haholo nakong ea komello.
E ntse e le mokhoa oa ho imatlafatsa, LEWA e hokahana le litsi tse sebetsang joaloka eona molemong oa kholiso ea tsebo ea basebetsi ka li-mmoka, liphutheho hammoho le manane a koetliso. Har’a litsi tseo LEWA e sebetsang le tsona lefapheng la metsi le likhoerekhoere ke setsi sa Eastern and Southern Africa Water and Sanitation (ESAWAS) Regulators Association hammoho le sa Water Institute of Southern Africa (WISA).